Monate wa Puo e ngotswe ho latela ditlhoko tsa lenaneo la Setatemente sa Leano la Kharikhulamo le Tekanyetso. Buka ena e nehelana ka dithuto tse fupereng bokgoni ba: Ho mamela le ho bua, Ho bala le ho boha, Ho ngola le ho nehelana hammoho le Dibopeho le melao ya tshebediso ya puo. Bokgoni bohle bo ithutwang bo hokahantswe ka bokgabane bo babatsehang ho tsosa thahasello ya morutwana le ho mo nolofaletsa ho sebedisa buka ena ntle le bothata ba letho. Buka ya Morutwana e kgaba ka makgetha ana: ? e na le ditema tse fapafapaneng tsa ho bala le ho boha; ? saekele ya dibeke tse pedi e na le mookotaba o ikgethang, o lohelletsweng ka tsela e kgahlang ho netefatsa hore bokgoni bohle bo entswe ka ho phethahala; ? mesebetsi ke e mengata e ka etswang ke morutwana a le mong, barutwanammoho kapa ka dihlopha; ? ho kenyelleditswe le tlhahisoleseding ho thusa morutwana ho tseba le ho ba motlotlo ka setso le botjhaba ba hae; ? qetellong ya saekele ya beke tse pedi ho na le mosebetsi wa tekanyetso ya kgaolo bakeng sa boikgopotso ba se ithutilweng. Buka ya Titjhere: E fana ka tataiso ho titjhere mme e kenyelletsa tse latelang: ? selelekela se nang le karolwana ya bohlokwa ya Setatamente sa Leano la Kharikhulamo le Tekanyetso e hlalosang bokgoni bohle bo lebelletsweng ho morutwana; ? ho fanwe ka diruburiki tseo titjhere a tla di hloka ho lekanyetsa mosebetsi wa barutwana; ? mohlala wa moralo wa ka phaposing o kenyelleditswe; ? qetellong ya kotara e nngwe le e nngwe ho na le mohlala wa teko kapa tlhahlobo o ka sebediswang ho rupella barutwana; ? titjhere e tataisitswe ka ho phethahala dithutong le mesebetsing yohle eo barutwana ba e etsang. Barutwana le titjhere ba tla fumana ho se bothata ba letho ho sebedisa dibuka tsena kaha di hlophisitswe hantle ho latela kabo ya nako e akantsweng dibekeng tse pedi. Ho fetafeta moo, barutwana ba tla natefelwa ho sebedisa buka ena eo dihlooho tsa yona di ba thusang ho ikamahanya le se etsahalang bophelong ba bona ba letsatsi le letsatsi.